Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Timothea 1:4 - BIBELE

4 Ke hopola meokgo ya hao, mme ke hlolohetswe ho o bona, e le hore ke tle ke be le thabo a kgaphatsehang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ke ntse ke hopola meokgo ya hao, mme ke lakatsa haholo ho o bona, ke tle ke tlale thabo;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ke hlolohetswe haholo ho o bona, ke ntse ke hopola meokgo ya hao, ke tle ke tlale thabo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ke hlolohetswe haholo ho o bona, ke ntse ke hopola meokgo ya hao, ke tle ke tlale thabo;

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 1:4
19 Referencias Cruzadas  

Ba ileng ba jala ka dikgapha, ba tla kotula ka ditlatse.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


Barwetsana ba tla etsa motjeko, ba nyakalle, ba nyakalle ba ena le bahlankana le wona maqheku. Bofifi ba bona bo tla fetoha e be thabo, ke ba tshedise, maswabi a bona e be nyakallo.


Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda.


Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.


Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe.


Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu.


O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula.


Ha e le rona, bana beso, re ile ra arohana le lona hakgutshwanyane, empa leha re sa bonane ka mahlo, re ntse re ena le lona ka dipelo, mme ka tjesehelo e kgolo re lakatsa ho le bona.


Potlakela ho tla e eso be mariha. Eubulose, le Pudese, le Lenose, le Tlelaudia le bana babo rona bohle ba a o dumedisa.


Potlakela ho tla ho nna kapele,


Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng.


O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”


hobane Konyana e bohareng ba terone e tla ba disa, e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos