Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.
Wena ya leahong la hao le halalelang, le tlotlehang, tadima fatshe, o le lehodimong, o bone! E kae tjheseho ya hao, a kae matla a hao? E kae kutlwelobohloko ya hao, o kae mohau wa hao? Oho, Morena, o re hanetse ka tsona!
Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.
“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.
Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela!
“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.