Etsetsang Morena ditlatse, lona ba lokileng, ho mo rorisa ho tshwanela ba pelo di ntle.
Baefese 5:4 - BIBELE Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) leha e le taba e dihlong, leha e le ya bowatla, leha e le ya meswaso e mebe, e leng taba tse sa tshwanelang; ho mpe ho utlwahale diteboho. Baasraak Sotho NT Leha e le ditshila, le puo ya bowatla, leha e le mesoaso, tse sa tshwanelang, empa ho mpe ho be le teboho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha e le ditshila, le puo ya bowatla, leha e le mesoaso, tse sa tshwanelang, empa ho mpe ho be le teboho. |
Etsetsang Morena ditlatse, lona ba lokileng, ho mo rorisa ho tshwanela ba pelo di ntle.
Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.
le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto.
Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.
Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.
ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.
empa kajeno lahlang tsena tsohle: bohale, le kgalefo, le lonya. Bonyefodi le dipolelo tse hlabisang dihlong di se tswe melomong ya lona.
Jwale Modimo re ka mo leboha jwang ka baka la lona, le ka baka la thabo eo le re thabisitseng ka yona pela Modimo wa rona?
lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.
Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.
Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.
Empa o ile a pholosa Lota, monna ya lokileng, ya neng a tennwe ke boitshwaro bo manyala ba batho bao ba kgopo.
Batho bana ba nyefola tseo ba sa di tsebeng. Le tseo ba di tsebang ka tlhaho, jwalokaha le diphoofolo tse se nang kutlwisiso di di tseba, ba itimetsa ka tsona.
Ke maqhubu a befileng a lewatle, a tlokomang lekweba la dihlong tsa bona. Ke dinaledi tse lelerang, tse boloketsweng lefifi le letsholetsho, ka ho sa feleng.