Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:3 - BIBELE

3 Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Empa ha e le bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le ka mohla hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Empa ha e le bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le ka mohla hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:3
58 Referencias Cruzadas  

Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.


Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao, ho ena le ho rata maruo.


Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


“O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.”


“Hlokomela tsohle tseo ke o boleletseng tsona. O se ke wa bua ka mabitso a medimo esele, leha e le ho a bolela.”


Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


“Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela ho fumana qhoqha; baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


“ ‘Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.’ ”


Ba tswela masimo a batho pelo, ba a hape, ba honohele matlo a batho, ba inkele wona; ba hatella motho le ba lelapa la hae, ba mo hatelle, ba je lefa la hae.


Ha Baiseraele ba le Shitime, setjhaba sa qala ho etsa bootswa le baradi ba setjhaba sa Moabe.


hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.


A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”


Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.


Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,


Ha ke a ka ka tswela silefera pelo, kapa kgauta, kapa diaparo tsa motho.


Ba tletse ho se loke hohle, bokgopo, meharo, bobe; ba tletse mona, polao, diphapang, mano, mekgwa e mebe; ke basebi,


Le mo amohele ka mokgwa o lokelang badumedi, hobane ke wa Morena. Le mo thuse tabeng efe le efe eo a ka hlokang thuso ya lona ho yona, hobane le yena o thusitse ba bangata, esita le nna ka sebele.


Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.


Re se ke ra etsa bohlola, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba bo etsa, mme ka letsatsi le le leng ha ketoha ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.


Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae.


E mong hape o re: “Dijo di etseditswe mpa, le mpa e etseditswe dijo.” E, feela Modimo o tla di fedisa bobedi ba tsona. Empa mmele hase wa bohlola, ke wa Morena, mme Morena ke mongwa wona.


Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.


Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.


Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong,


Tsebang hore bohle bao e leng dihlola, kapa ba ditshila, kapa ba meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata, ha ba na ho ja lefa Mmusong wa Kreste le wa Modimo.


Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


Thato ya Modimo ke hore le halalele, le pheme bohlola,


Modimo ha a a ka a re bitsetsa mekgweng e ditshila, empa o re bitseditse kgalalelong.


Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.


E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.


Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.


Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.


Eka kgona ba jwalo ba kgutsiswe, hobane ba qhala malapa ka ho ruta tse sa tshwanelang, hore ba ithuise ka mano.


Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.


Ka mokgwa o jwalo, basadi ba hodileng ba be le boitshwaro bo lokelang ba halalelang, ba se ke ba bua batho hampe, e se be makgoba a dino, empa ba rute tse lokileng.


Ho se be mang kapa mang eo e leng sehlola, kapa ya sa tshabeng Modimo jwaloka Esau, yena ya neng a fane ka ditokelo tsa boholo ba hae ba tswalo ho reka mothangwana wa sejo.


E ile yare ha ke bona seaparo se setlesetle hara kgapo e tswang Shinare, le silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi, le setene sa kgauta se ka etsang boima ba halofo ya kilo, ka di tswela pelo, yaba ke a di nka. Ke di epetse fatshe, bohareng ba tente ya ka. Silefera e aleditse katlase ho tsona.”


Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.


haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;


Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.


“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.


Ke mo file nako ya hore a bake, empa o hana ho bakela bohlola ba hae.


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


Ha ba a ka ba bakela dipolao tsa bona, kapa boloi ba bona, kapa bohlola ba bona, kapa boshodu ba bona.


Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos