Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Empa ha e le bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le ka mohla hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Empa ha e le bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le ka mohla hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:3
58 Referencias Cruzadas  

hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.


Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


Le hlokomele tsohle tseo ke le boleletseng tsona; le se ke la ba la bolela lebitso la medimo e meng; le se ke la bolelwa ke molomo wa hao.


Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.


Ka baka leo, ke tla nea ba bang basadi ba bona, bahapi ba nke masimo a bona, hobane bohle ba hlile ba ineela takatso ya ho rua, e monyenyane le e moholo, moporofeta le moprista; e mong le e mong o etsa bohata.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Ekare ha mosadi a kopana jwalo le monna, ba tla itlhatswa metsing ba babedi, ba be sesila ho isa mantsiboya.


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


Iseraele a duladula Sittime, mme setjhaba sa qala teng ho etsa bohlola le baradi ba Moabe.


Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.


Ba tletse bokgopo bohle, le bootswa, le lonya, le takatso ya moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le kgang, le thetso, le manganga.


Le tle le mo amohele Moreneng, jwalokaha bahalaledi ba tshwanelwa ke ho amohelwa, mme le mo thuse nthong tsohle tseo a ka le hlokang ho tsona; hobane le yena o thusitse ba bangata, le nna ka sebele.


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


Hape, re se ke ra etsa bootswa, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba ineela jona, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Dijo ke tsa mpa, mpa ke ya dijo, mme Modimo o tla fedisa dijo le mpa. Empa mmele hase wa bofebe, empa e le wa Morena, le Morena e le wa mmele.


Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong.


Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe,


Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.


e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.


E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi;


bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.


Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;


Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,


Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.


Ka bona hara tse hapilweng seaparo se setle sa Shineare, le dishekele tse makgolo a mabedi tsa silefera, le leleme la kgauta le boima ba dishekele tse mashome a mahlano; yaba ke a di lakatsa, ka di nka, mme o ka bona di patilwe fatshe tenteng ya ka, silefera yona e katlase.


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;


Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Ke mo file sebaka sa ho baka bohloleng ba hae, empa ha a ka a baka.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Mme ha ba ka ba baka dipolaong tsa bona, le boloing ba bona, le bootsweng ba bona, le dikutsong tsa bona.


Bara ba hae ba mpa ba se ke ba tsamaya ka mehlala ya hae; ba kgelohela leruong le sa lokang, ba amohela dimpho, ba kgelosa le kahlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos