Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:2 - BIBELE

2 Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:2
54 Referencias Cruzadas  

Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


Pheleu eo yohle o tla e tjhesetsa hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


O tla boela o di nka matsohong a bona, mme o di tjhesetse aletareng, hodima sehlabelo sa setjheso se tjhesetswang Morena, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.’ ”


Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso sa dijo, se monko o monate. Mafura wohle ke a Morena.


“Mekete ya lona ya borapedi ke e hloile, ke bile ke a e nyonya; le phutheho tsa lona ha ke di thabele.


Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso.


Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


“Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.


ya ileng a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe.


Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.


Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.


Etsang tsohle ka lerato.


Lahlelang tomoso ya kgale kantle, hore le tle le be hlama e ntjha, kaha le le bohobe bo sa lomoswang ba Paseka; ebile le Kreste, Konyana ya rona ya Paseka, o hlabilwe.


A re leboheng Modimo, ya re neang tlholo kamehla ka Kreste, mme ya utlwahatsang ka rona, dibakeng tsohle, monko o monate wa ho mo tseba,


hobane rona re monko o monate wa Kreste o yang ho Modimo, o utlwahalang ho ba yang pholohong, le ho ba yang timelong.


Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.


Kreste o itetse ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.


kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong,


Le tsebe lerato la Kreste le fetang tsebo yohle, e le hore le tlale bophelo bo phethehileng ba Modimo.


Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.


ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.


Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale,


Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae.


Le tla haha aletare ena ya Morena Modimo wa lona, ka majwe a sa betlwang, mme hodima yona le etsetse Morena Modimo wa lona, dinyehelo tsa setjheso.


Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.


Ha e le ka lerato la boena, ha le hloke hore le ngollwe ka lona, hobane ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana;


ya ikentseng tefello ya bohle. Bopaki ba hona bo ile ba bonahala ka nako ya teng.


Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Moprista e mong le e mong e Moholo o beetswe ho nyehela ka dimpho le ka mahlabelo; ka baka leo, Moprista wa rona e Moholo le yena o tlameha ho ba le ho hong hoo a ka nyehelang ka hona.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Ha e le mona dintho tsena, tse tshwantshang tse mahodimong, di hlwekiswa ka mokgwa ona, eka kgona tsena tsa mahodimo tsona di hlwekiswe ka mahlabelo a fetang ao.


Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.


Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.


Taelo ya hae ke ena: Re dumele lebitsong la Mora wa hae Jesu Kreste, mme re ratane jwalokaha a re laetse.


le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos