Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:8 - BIBELE

8 Ka baka lena nka ba sebete ho o laela ka Kreste ho etsa se lokelang,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8-9 Ka baka leo, leha ke ena le tokelo e kgolo, ka baka la Kreste, ya ho o laela se o tshwanelang, ke ikgethetse, ka baka la lerato, ho o rapela, nna, ke leng Pauluse, monna ya hodileng, ya bileng a tlamilwe tshiung tsena ka baka la Jesu Kreste:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ka baka leo, leha nka ba le sebete se seholo ho Kreste sa ho o laela se loketseng,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka baka leo, leha nka ba le sebete se seholo ho Kreste sa ho o laela se loketseng,

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:8
7 Referencias Cruzadas  

Leha nka ithorisetsa matla a rona haholwanyane, ao Morena a re neileng wona ho le matlafatsa, e seng ho le fedisa, ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.


Ke hlajwa ke dihlong ho dumela hore re ile ra fokola tabeng ena, empa moo motho a sa tshabeng ho ithorisa, le nna ha ke tshabe. Feela ke bua ka bothoto.


Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete,


Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.


Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.


Ha re eso batle thoriso ho batho, kapa ho lona, leha e le ho mang kapa mang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos