Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:7 - BIBELE

7 Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:7
11 Referencias Cruzadas  

Ba kgatholotse moya wa ka le ya lona. Ananelang ba jwalo.


Ka baka leo, re tshedisehile. Kantle ho ho tshediseha hoo ha rona, re ile ra thaba haholo ha re bona kamoo Tite a thabileng kateng. Moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.


Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha.


Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.


Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona?


Jwale Modimo re ka mo leboha jwang ka baka la lona, le ka baka la thabo eo le re thabisitseng ka yona pela Modimo wa rona?


Morena a ke a sitse ba lelapa la Onesiforose ka mohau wa hae, hobane ka makgetlo o ile a nkgatholla, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka baka la ho ba ditlamong ha ka.


E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste.


Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos