Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:7
11 Referencias Cruzadas  

Hobane ba kgatholotse pelo ya ka le tsa lona; hlokomelang batho ba jwalo.


Ke ka baka leo re tshedisitsweng; hape, kahodima tshediso ya rona re thabile haholoholo ka baka la thabo ya Tite, hobane moya wa hae o kile wa kgathollwa ke lona bohle.


Ke bua le lona ka matla a maholo, ke ithorisa haholo ka lona; ke tletse tshediso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng wohle a rona.


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?


Mme re ka ananela ho Modimo bakeng sa lona ka teboho efe, ka baka la thabo yohle eo re le thabetseng ka yona pela Modimo wa rona?


Morena a ke a hauhele ntlo ya Onesifore; hobane o ntshedisitse hangata, mme ha a ka a ntlhabelwa ke dihlong ka baka la mahlaahlela a ka;


E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste.


Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos