Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:29 - BIBELE

29 Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Polelo e mpe e se ke ya tswa melomong ya lona, ha e se e molemo ya ho aha ba e utlwang, e tle e hlahise mohau ho ba e utlwang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Polelo e mpe e se ke ya tswa melomong ya lona, ha e se e molemo ya ho aha ba e utlwang, e tle e hlahise mohau ho ba e utlwang.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:29
41 Referencias Cruzadas  

Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.


Morena, ako ntataise ka ho loka ha hao, ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng. Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna.


ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.


Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.


Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi.


Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!


Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.


Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa,


Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa;


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”


Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”


Barutuwa ba hae ba babedi ba utlwa ha a bua, mme ba latela Jesu.


Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.


Empa phuthehong nka rata ho bua mantswe a mahlano, a utlwisiswang, hore ke rute ba bang, ho ena le ho bua mantswe a diketekete a sa utlwahaleng.


hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale.


Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.


Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Le lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, e le hore ha ho le teng ba bang ba banna ba lona ba sa dumeleng lentswe la Modimo, ba tle ba sokolohe ka baka la metsamao ya lona feela, le ntse le itholetse,


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos