Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:4 - Baasraak Sotho NT

4 Leha e le ditshila, le puo ya bowatla, leha e le mesoaso, tse sa tshwanelang, empa ho mpe ho be le teboho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 leha e le taba e dihlong, leha e le ya bowatla, leha e le ya meswaso e mebe, e leng taba tse sa tshwanelang; ho mpe ho utlwahale diteboho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Leha e le ditshila, le puo ya bowatla, leha e le mesoaso, tse sa tshwanelang, empa ho mpe ho be le teboho.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:4
29 Referencias Cruzadas  

Boshodu, meharo, bokgopo, thetso, bohlola, leihlo le lebe, dinyefolo, boikgohomoso, bothoto.


(Leha ho le jwalo, ho ile ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le moo ba jeleng bohobe, ka mora hore Morena a lebohe.)


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Le lona le ntse le thusana ka merapelo bakeng sa rona, hore diteboho tsa rona di tle di bokwe ke ba bangata molemong wa rona.


A ho lebohuwe Modimo ka baka la neo ya hae e ke keng ya bolelwa.


ha ke lese ho le leboha, ha ke ntse ke le hopola merapelong ya ka;


Polelo e mpe e se ke ya tswa melomong ya lona, ha e se e molemo ya ho aha ba e utlwang, e tle e hlahise mohau ho ba e utlwang.


Le se ke la itshwenya ka letho; empa nthong tsohle tseo le di hlokang le di tsebise Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Empa jwale le lona, lahlang tsena tsohle; bohale, le khalefo, le lonya, le nyefolo, le lipuo tse litšila tse tsoang melomong ea lōna.


Hobane re ka busetsa teboho efe ho Modimo bakeng sa lona, ka thabo yohle eo re e thabelang ka baka la lona pela Modimo wa rona?


Lebohang nthong tsohle, hobane hoo ke thato ya Modimo ho lona ho Kreste Jesu.


Ka baka leo, leha nka ba le sebete se seholo ho Kreste sa ho o laela se loketseng,


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


Hobane ha ba bolela dipolelo tsa boikgohomoso, ba hohela ka ditakatso tsa nama le ka bohlola, ba phonyohileng ho ba phelang ka ho kgeloha.


A pholosa Lota ya lokileng, ya neng a tshwenyehile ka metsamao e ditshila ya ba kgopo.


Empa bao ba nyefola tseo ba sa di tsebeng;


ke maqhubu a tjhesang a lewatle, a phokaselang dihlong tsa wona; dinaledi tse kgelohang, tse boloketsweng botsho ba lefifi ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos