makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse.
Amose 5:3 - BIBELE Morena Modimo o bua tjena: “Motse wa Iseraele o futuhang ka bahlabani, bahlabani ba le sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela; motsana o futuhang ka ba lekgolo, o tla sallwa ke ba leshome feela.” Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho itswe ke Morena Jehova: Motse o neng o ntshetsa ntlo ya Iseraele bahlabani ba sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela, le o neng o e ntshetsa ba lekgolo o tla sala le ba leshome. |
makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse.
Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!
Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele, se ka hlabathe la lewatle, ke masalla feela a tla boela a kgutla. Morena o se a laotse timetso, e tla se wela hodimo e le ka toka.
Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”
Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.”
Le yena Esaya o phatlalatsa tsa Iseraele, o re: “Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la lewatle, ke methwaela feela e tla pholoha,
Le tla sala le le mmalwana ka palo, le hoja le ne le le letshwele le lekaalo ka dinaledi tsa lehodimo, hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao.”
“Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.
Morena o tla le qhalanya hara ditjhaba, mme palo ya lona e tla fokola hara ditjhaba tseo Morena a tla le isa ho tsona.