Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 6:9 - BIBELE

9 Haeba ho ka sala banna ba leshome ka tlung e le nngwe, le bona ba tla shwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Leha ho ka sala banna ba leshome ka tlung e nngwe, ba tla shwa.

Ver Capítulo Copiar




Amose 6:9
10 Referencias Cruzadas  

Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.


e leng bara ba leshome ba Hamane, mora wa Hamedata, sera sa Bajuda, empa ba se ke ba hapa thepa ya babolauwa bohle.


Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


Jobo o ne a ena le bara ba supileng, le baradi ba bararo.


Ntlo ya hae e tla hoholwa ke sekgohola, ke phororo tsa kgalefo ya Modimo ha e tlokoma.


Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, mabitso a tsona a hlakolwe melokong e hlahlamang.


Lokisang sebaka sa ho bolaela bara ba hae, ka baka la dibe tsa bo-ntata bona, esere ba tsoha, naha ena ba e ja lefa, ba haha metse ya tlala lefatshe.”


Lefu le kene ka difesetere tsa matlo, la kena le ka matlung a dikgosi tsa rona, la hleka bana diterateng tsa motse, la hleka le bahlankana mabaleng a motse.


Morena Modimo o bua tjena: “Motse wa Iseraele o futuhang ka bahlabani, bahlabani ba le sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela; motsana o futuhang ka ba lekgolo, o tla sallwa ke ba leshome feela.”


Feela hase banna bohle ba lelapa la hao bao ke tla ba tlosa aletareng ya ka, ho o llisa, le ho o utlwisa bohloko, empa ditloholo tsohle tsa hao di tla shwa e sa le bahlankana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos