Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena.
bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Lokisetsang bana ba hae polao ka baka la bokgopo ba ntata bona, ba tle ba se ke ba tsoha, ba rua lefatshe, ba se ke ba tlatsa lefatshe ka metse ya bona.
Hobane ho itswe ke Morena Jehova: Motse o neng o ntshetsa ntlo ya Iseraele bahlabani ba sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela, le o neng o e ntshetsa ba lekgolo o tla sala le ba leshome.
Monna wa ba heno eo ke sa mo kgaolang aletareng ya ka, o tla salla ho llisa mahlo a hao, le ho hlomola pelo ya hao, mme bohle ba hlahang tlung ya hao, ba tla timela botjheng ba bona.