Amose 5:4 - BIBELE4 Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re: “Mpatleng, le tle le phele. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 Hobane Jehova o itse ho ntlo ya Iseraele: Mpatleng, le tle le phele! Ver Capítulo |
Ka selemo sa borobedi sa puso ya hae, Josiya a qala ho sebeletsa Modimo wa Davida, ntataemoholo, le hoja a ne a sa le monyenyane. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema, ka ho fedisa dibaka tsa bona, tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ka ho fedisa ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng.