Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 10:22 - BIBELE

22 Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele, se ka hlabathe la lewatle, ke masalla feela a tla boela a kgutla. Morena o se a laotse timetso, e tla se wela hodimo e le ka toka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane leha setjhaba sa hao, Iseraele, se ka lekana le lehlabathe la lewatle, e tla ba masala a sona feela a tlang ho sokoloha; tefetso e rerilweng e tiile, e tla tsholoha ka ho loka.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:22
24 Referencias Cruzadas  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla.


Jerusalema ho tla ba le masalla, thabeng ya Sione ho be le ba phonyohileng, hona ho phethahatswa ke Morena, ka tjheseho.’


Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha, ho hlahe tlobo le letjha, a anafale,


“Mmameleng lona ba ntlo ya Jakobo, lona masalla wohle a ntlo ya Iseraele, lona bao ke le sikileng ho tloha mohla le tswalwang, lona bao ke le pepileng ho tloha mohla le tswalwang.


Tloholo tsa hao di ka be di le kaa ka lehlabathe, bana ba hao ba le kaa ka tlhaku tsa lona di se na palo; lebitso la bona le ne le ke ke la fela, leha e le ho hlakoha kapele ho nna.”


“Mopholosi o tla tla Sione, a tle ho ba Jakobo ba bakelang dibe tsa bona,” ho rialo Morena.


Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;


Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Lelapa le lenyenyane le tla ngatafala e be dikete, setjhaba se fokolang sona se matlafale, nna Morena, ke tla potlakisa sena, ke se potlakise ka nako ya sona.”


Morena o bua tjena: “Ha morara o lesihleng o sa na le lero, batho ba ye ba re: ‘Le se ke la o lahla, hobane o sa na le molemo.’ Ka baka la bahlanka ba ka le nna ke tla etsa jwalo, ha nka ke ka ba timetsa, ka ba timetsa bohlebohle.


Metsi a tla feta hara naha ya Juda, a phutsalle, a aparele hohle, a kokomohe, a fihle molaleng. Noka e tla thathalatsa mapheo a yona, a kwahele naha ya hao ka bophara ba yona, wena Emanuele!”


Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.


Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete.


Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.”


“Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: ‘Lona ha le setjhaba sa ka’, ho tla thwe: ‘Le bana ba Modimo ya phelang’.


hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka, ka monna eo a mo kgethileng, mme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.”


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


mme o tla ya ho kgelosa Gogo le Magogo, e leng ditjhaba tse diqoleng tse nne tsa lefatshe. O tla di phutha hore di lwane, palo ya tsona e le kaalo ka lehlabathe la lewatle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos