Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ho itswe ke Morena Jehova: Motse o neng o ntshetsa ntlo ya Iseraele bahlabani ba sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela, le o neng o e ntshetsa ba lekgolo o tla sala le ba leshome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Morena Modimo o bua tjena: “Motse wa Iseraele o futuhang ka bahlabani, bahlabani ba le sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela; motsana o futuhang ka ba lekgolo, o tla sallwa ke ba leshome feela.”

Ver Capítulo Copiar




Amose 5:3
10 Referencias Cruzadas  

marole a rona ha a tswala, mme dikgeo, le ho patelwa, le mekgosi mapatlelong a rona di le siyo:


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Hobane leha setjhaba sa hao, Iseraele, se ka lekana le lehlabathe la lewatle, e tla ba masala a sona feela a tlang ho sokoloha; tefetso e rerilweng e tiile, e tla tsholoha ka ho loka.


Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Leha ho ka sala banna ba leshome ka tlung e nngwe, ba tla shwa.


Esaia le yena o phahamisitse puo hodima Iseraele, a re: Leha palo ya bana ba Iseraele e ne e ka ba kale ka lehlabathe la lewatle, ho tla bolokeha masala feela.


Le tla sala le se bakae, leha pele le ne le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao.


Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos