Amose 2:3 - BIBELE Mmusi wa Moabe ke tla mo timetsa, ke mmolaye le mahosana a hae kaofela,” ho rialo Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) ke tla timetsa moahlodi mahareng a hae, le marena a hae ke a fedise hammoho le yena: ho itswalo ke Jehova. |
Mohla baahlodi ba bona ba dihelwang dilomong, ke hona batho ba tla tseba hore mantswe a ka e ne e le a nnete.
Kaha le tshepile ketso tsa lona le maruo a lona, le lona Bamoabe le tla thopuwa; Kemoshe le yena o tla thopuwa; a thopuwe le baprista ba hae, a thopuwe le mahosana.
Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona, le boholo ba dibe tsa lona ke a bo tseba: Le tuba ya lokileng, le tjotjo le e amohele, ha le ahlolele mofutsana ka toka makgotleng.
Le madimabe lona ba sothang toka, ba e sothang, ba e fetole leshokgwa. ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!
Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.
“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.