Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 6:12 - BIBELE

12 Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,

Ver Capítulo Copiar




Amose 6:12
17 Referencias Cruzadas  

Ke tsebile kamoo o leng manganga kateng; molala wa hao o sataletse sa tshepe, phatla ya hao yona e ka lethose.


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


Empa le ile la jala bokgopo, kahoo le kotutse tholwana ya bokgopo, la ja le yona tholwana ya leshano. Kahobane o itshepetse kariki tsa hao tsa ntwa, o tshepile le boiyane ba mabotho a hao,


Ba etsa ditshepiso tsa bosawana, ba hlapanye ka leshano, ba etse le dilekane, kahoo ho hlaha dinyewe, nyewe tse ngatangata, di ke monatja o mela hara boleme.


Mmusi wa Moabe ke tla mo timetsa, ke mmolaye le mahosana a hae kaofela,” ho rialo Morena.


“Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena.


Le madimabe lona ba sothang toka, ba e sothang, ba e fetole leshokgwa. ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!


Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.


Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos