Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 6:13 - BIBELE

13 Lona ba thabelang Lo-Dabare, lona le re: “Na ha re a ikgapela Karanaime, ra ikgapela yona ka matla a rona?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 lona le thabelang tsa lefeela, le reng: Na hase ka matla a rona re ikentseng dinatla na?

Ver Capítulo Copiar




Amose 6:13
36 Referencias Cruzadas  

Jehowashe, mora wa Jehowakase, a amoha Bene-Hadade, mora wa Hasaele, metse eo a neng a e hape ho Jehowakase, ntata Jehowashe. Jehowashe a hlola Bene-Hadade ka makgetlo a mararo, mme a hapa metse eo ya Iseraele.


O ile a busetsa meedi ya Iseraele ditulong tsa yona, ho tloha ka Lekgalo la Hamate, ho ya fihla Lewatleng la Letswai. Hona ha phethahala ho ya ka polelo ya Morena Modimo wa Iseraele, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae, moporofeta Jonase, mora wa Amitai wa Mogate-Hefere.


haeba ke nyakaladitswe ke ho rua haholo, hobane ka matsoho a ka ke sebeditse haholo;


“Na nkile ka thabela bomadimabe, madimabe ba sera sa ka, kapa ka thoholetsa ha se welwa ke ditsietsi?


tshepo ya hae e a thekesela, letshepa la hae le ka bolepo ba sekgo;


o itshetleha ka bona, bo hana ho tsitsa, o itshwarella ka bona, ha bo tshwarehe.


Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:


Leha lefatshe le ka thothomela le bohle ba ahileng ho lona, ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.


Ke itse ho baikakasi: ‘Le se ke la ikakasa,’ ho ba kgopo ka re: ‘Le se ke la kgantsha matla;


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


Mehleng ya puso ya Akase, kgosi ya Juda, eo e neng e le mora wa Jotame, le setloholo sa Usiya, bo-Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba se ke ba e hlola.


Le re ho yena: ‘Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya.


“Kaha tjhaba sena se se se nyatsitse metsi a Shilowa a phallang a kgutsitse, se thabela Resine le mora Remaleya,


“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


Naha ya Egepeta e tla fetoha nanaola, mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, hobane Faro yena o itse: “Noka ena ke ya ka, e entswe ke nna.”


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo.


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”


Kannetenete ke a le bolella: Le tla lla, mme le tla hlomoha, athe lefatshe le tla thaba; le tla swaba, empa maswabi a lona a tla fetoha thabo.


jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe.


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.


Yare ha areka ya selekane sa Morena e fihla diahelong, ditlatse tsa Baiseraele bohle tsa hlaba hodimo, ba howa haholo, hoo lefatshe le ileng la duma.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos