Amose 2:4 - BIBELE4 Morena o bua tjena: “Baahi ba Juda ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba furaletse Molao wa Morena, ha ba a boloka ditaelo tsa hae; ba kgelositswe ke medingwana bona, eo bo-ntata bona ba neng ba e sebeletsa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona; Ver Capítulo |
“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.