Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 2:2 - BIBELE

2 Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;

Ver Capítulo Copiar




Amose 2:2
8 Referencias Cruzadas  

Seeta sa mohlabani ka mong, seaparo ka seng se sudubantsweng mading, tsena di tla akgelwa mollong, di tjheswe.


ya fihla Keriote, ya fihla Bosera, metseng yohle ya Moabe e hole le e haufi.


“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.


metse yohle e tla hapuwa, diqhobosheane le tsona di kenwe. Mohlang oo pelo tsa bahlabani ba Moabe di tla tshwana le pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.


“Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.


Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha ba Moabe le ba Seire ba itse: ‘Bonang, ba ntlo ya Juda ba tshwana le ditjhaba tse ding tsohle,’


Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.


Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Bene-Hadade ke a timetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos