Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”
2 Samuele 13:3 - BIBELE Amanone o ne a ena le motswalle ya bohlale haholo, ya neng a bitswa Jonadabe. E ne e le mora wa Shima, ngwanabo Davida. Sesotho 1909/1961 (SO) Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo. |
Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”
Ka yona nako eo Juda a tloha ho bana babo, a fapohela ha monna wa Adulame, eo lebitso la hae e neng e le Hira.
Ha Juda a romella potsanyane ka motswalle wa hae Adulame, hore mosadi a kgutlise seo a neng a se beile paneng, a se ke a hlola a fumana mosadi eo.
Amanone a tshwenyeha haholo, hoo a bileng a kula ka baka la ho rata kgaitsedie, Tamare. Tamare e ne e sa le morwetsana, mme Amanone a sitwa ho mo etsa letho.
Jonadabe, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a bua, a re: “Monga ka a se ke a hopola hore bara bohle ba kgosi ba bolailwe; ke Amanone feela ya bolailweng. Hona ho entswe ka taelo ya Abosalome. O ne a ho rere ho tloha mohla letsatsi leo ka lona kgaitsedi ya hae, Tamare, a neng a betwe ke Amanone.
Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!” Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.”
Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu.
Monna enwa a nna a phephetsa Baiseraele, mme Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya.
Jonathane, rangwana Davida, e ne e le moeletsi ya bohlale, e bile e le mongodi, mme Jehiele, mora wa Hakemoni, o ne a hlokomela bara ba kgosi.
Leha ho le jwalo Hamane a itshwara, a ba a ya fihla ha hae, a bitsa metswalle ya hae, le Sereshe mosadi wa hae.
Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.
Hamane a bolella Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae yohle, tsohle tse mo hlahetseng. Yaba metswalle eo ya hae e bohlale, le Sereshe, mosadi wa hae, ba re ho yena: “Haeba Moredekai, eo o seng o qadile ho theoha boemong ba hao kapele ho yena, e le wa leloko la Bajuda, o ke ke wa hlola o mo hlola, empa o tla fela o timele!”
“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”
Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re: “Modimo o tshwasa ba bohlale maqhekeng a bona.”
Samuele a re ho Jese: “Na ha o sa na bara ba bang?” Jese a re: “Wa ho fela o sa le teng, feela yena ke modisana wa dinku.” Samuele a re ho Jese: “Roma motho a yo mo lata, hobane re ke ke ra ba ra ja a eso ka a fihla mona.”
Jese a re Shamma a fete kapele ho Samuele. Samuele a boela a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.”