2 Samuele 14:2 - BIBELE2 Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele; Ver Capítulo |
Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.