Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:19 - BIBELE

19 Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re: “Modimo o tshwasa ba bohlale maqhekeng a bona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya ho Modimo. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwara ba bohlale manong a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya ho Modimo. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwara ba bohlale manong a bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:19
22 Referencias Cruzadas  

E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”


Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome.


Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.


Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela.


Bohle ba kgopo ba ke ba wele marabeng a bona, ha nna ke phonyoha.


Tloong: A re se sebetseng ka bohlale, esere sa nna sa ngatafala, mme ha ntwa e ka qhoma sa thusa dira tsa rona, sa re lwantsha, sa tswa naheng ena.”


Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”


Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.


Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.


Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong.


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Bohlale bo jwalo hase bo tswang hodimo, ke ba lefatshe, ba botho, ba bodemona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos