Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Amanone o ne a ena le motswalle ya bohlale haholo, ya neng a bitswa Jonadabe. E ne e le mora wa Shima, ngwanabo Davida.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:3
21 Referencias Cruzadas  

Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na?


Ya na ya re mehleng eo, Juda a tloha ho banababo, a fapohela ha monna wa Adullame, ya bitswang Hira.


Juda a romela potsanyane ka letsoho la Hira, wa Adullame, molekane wa hae, ho tla lata tebeletso e diatleng tsa mosadi, empa a se ka a mmona.


Amnone a tsieleha, a ba a kula ka baka la Tamare, kgaitsedi ya hae; kahobane e be e sa ntsane e le morwetsana, Amnone a sitwa ho mo etsa letho.


Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida, yena a bolela, a re: Monga ka a se ke a lekanya hore bahlankana bohle, bara ba morena, ba bolailwe; ho shwele Amnone a nnotshi; e bile ka morero o neng o rerwe ke Absalome haesale Amnone a senya kgaitsedie Tamare.


A re ho Amnone: O otelang hakalo, ngwana morena, ka tsatsi le leng le le leng? Ha o ntsebise keng na? Amnone a re ho yena: Ke rata Tamare, kgaitsedi ya ngwaneso Absalome.


Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;


A nyedisa Iseraele; Jonathane, mora Shimei ngwanabo Davida, a mpa a mmolaya.


Jese a tswala Eliabe letsibolo la hae, le Abinadabe moenae; wa boraro ke Shimea,


Haele Jonathane, maloma Davida, e ne e le monna wa lekgotla, motho ya kelello, ya rutehileng. Jehiele, mora Hakmoni, o ne a dula le bara ba morena.


Empa Hamane a itshwara; mme eitse ha a fihla ha hae a romela ho bitsa metswalle ya hae le Sereshe, mosadi wa hae.


Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.


Hamane a phetela Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, tsohle tse mo hlahetseng. Ba bohlale ba hae, le mosadi wa hae Sereshe, ba re ho yena: Erekaha Mordekai eno eo o qadileng ho wa pela hae e le wa mofuta wa Bajuda, o ke ke wa mo fenya, empa ruri o tla wa pela hae.


Ba bangata ba qekisa motho e moholo, e mong le e mong ke motswalle wa motho ya fanang.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.


Bohlale boo hase bo tswang hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba batemona.


Empa mosadi wa Samsone a newa molekane wa hae, eo a neng a mo entse moetsana wa hae.


Samuele a eketsa a re ho Jese: Na bao ke bara ba hao kaofela na? A re: Ho sa setse e monyenyane; o mpa a disitse dinku. Samuele a re ho Jese: Romela ho mo lata, hobane re ke ke ra dula dijong, a eso ho fihle.


Jese a fetisa le Shamma; Samuele a re: Le enwa Jehova ha a mo kgethe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos