Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A re ho Amnone: O otelang hakalo, ngwana morena, ka tsatsi le leng le le leng? Ha o ntsebise keng na? Amnone a re ho yena: Ke rata Tamare, kgaitsedi ya ngwaneso Absalome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!” Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:4
11 Referencias Cruzadas  

Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.


Jonadabe a re ho yena: Robala diphateng tsa hao, o iketse ya kulang, mme ntatao ha a tla o bona, e re ho yena: Ha ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, mme a mphepe, a mphehele dijo pela mahlo a ka, ke tle ke di tadime, mme ke di je diatleng tsa hae.


Jesebele, mosadi wa hae, a tla ho yena, a re: Na pelo ya hao e ntsho keng? Ha o je bohobe keng?


Ebile Jesebele, mosadi wa hae, o re ho yena: Ha ke re, ke wena ya renang Iseraeleng kajeno? Tsoha, o je bohobe, pelo ya hao e thabe; ke nna ke tla o nea tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele.


Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


O se ke wa apola bofeela ba kgaitsedi ya hao, moradi wa ntatao, leha e le moradi wa mmao, ya tswaletsweng hae, kapa e leng letlalepepilwe.


Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos