1 Samuele 5:9 - BIBELE Yare hoba ba ise areka moo, Morena a hlahisetsa motse oo tsietsi e kgolo. A otla banna ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane; ba tswa mathopa a mokoteng. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare e sa iswa, letsoho la Jehova la hlahisa tsietsi e kgolo motseng, a otla banna ba motse ba baholo le ba banyenyane, ba tswa diso. |
Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.
Letsoho la Morena le ile la nna la ba lwantsha, mme la ba timetsa ba le diahelong tsa bona, ho fihlela ba fela.
Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.
Yaba ba isa areka ya Modimo motseng wa Ekerone. Ha areka ya Modimo e fihla Ekerone, baahi ba Ekerone ba howa, ba re: “Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Baiseraele ho tla re bolaya le ho tla bolaya setjhaba sa habo rona!”
Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.
Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona.
Ba bea areka ya Morena hodima koloi, le letlole le kentseng ditweba tse bopilweng ka kgauta le ditshwantsho tsa mathopa a mokoteng.
Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.