1 Samuele 5:6 - BIBELE6 Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 Empa letsoho la Jehova la eba boima hodima ba Ashdode; a senya, a otla ba Ashdode le ba mathoko a teng ka diso. Ver Capítulo |
Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.