Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa letsoho la Jehova la eba boima hodima ba Ashdode; a senya, a otla ba Ashdode le ba mathoko a teng ka diso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 5:6
13 Referencias Cruzadas  

Ha ho ka ke ha bonahala hoba nala e bile teng naheng ena ka baka la tlala eo e hlahlamang, hobane e tla ba tlala e kgolo haholo.


Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?


Jehova o boloka bohle ba mo ratang, empa o fedisa ba babe kaofela.


Jehova o tsosa ba ikokobetsang, o kokobetsa ba babe ho isa fatshe.


Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho nna nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a ne a omeletse jwaloka hola ke lebatama la selemo. (Sela.)


a suthisa dira tsa hae, a ba jarisa dihlong tse sa feleng.


bona, letsoho la Jehova le tla ba boima hodima mehlape ya hao e naheng, dipere le diesele le dikamele le makgomo le manku, ka lefu le leholo ka ho fetisisa.


Jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao; o tla ba sefofu, o be o sa bone letsatsi ho isa motsotso. Yaba lefifi le botsho bo phakisa bo mo wela hodimo; o ne a dikadika, a batla ya ka mo tsamaisang ka letsoho.


Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.


Ka baka lena, ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Kgutlisang areka ya Modimo wa Iseraele, e ke e boele ha habo yona, e tle e se ke ya re bolaya le setjhaba sa heso. Hobane letsoso le leholo le ne le wetse motse wohle, le letsoho la Jehova le ne le le boima haholo teng.


Banna ba Ashdode, ha ba bona hobane ho jwalo, ba re: Areka ya Modimo wa Iseraele e ke ke ya dula hara rona, etswe letsoho la hae le le boima hodima rona, le ho Dagone, modimo wa rona.


Yare e sa iswa, letsoho la Jehova la hlahisa tsietsi e kgolo motseng, a otla banna ba motse ba baholo le ba banyenyane, ba tswa diso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos