Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:11 - BIBELE

11 Ba bea areka ya Morena hodima koloi, le letlole le kentseng ditweba tse bopilweng ka kgauta le ditshwantsho tsa mathopa a mokoteng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba ntoo bea areka ya Jehova koloing, hammoho le kese le nang le ditweba tsa kgauta, le ditshwantsho tsa diso tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:11
7 Referencias Cruzadas  

Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe e neng e le leralleng. Bo-Usa le Ako, bara ba Abinadabe, ba qhoba kariki eo e ntjha.


Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe. Bo-Usa le Ako ba qhoba kariki eo.


“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.


Banna ba etsa jwalo; ba tshwara dikgomo tse pedi tsa ditswetse, ba di pana koloing, mme manamane a tsona ba a kwalla ka sakeng.


Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe.


Bafilesita ba boela ba botsa, ba re: “Nyehelo e tlosang sebe, eo re tla mo romela yona, e ka ba ya eng?” Yaba ba re: “E be ditshwantsho tse hlano tsa mathopa a mokoteng, tse bopilweng ka kgauta, le ditweba tse hlano tse bopilweng ka kgauta, ho latela palo ya dikgosi tsa Bafilesita, hobane lona bohle, le dikgosi tsa lona, le ile la otlwa ka sewa se tshwanang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos