Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 12:15 - BIBELE

15 Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa ha le hana ho utlwa lentswe la Jehova, ha le ikgantshetsa molomo wa Jehova, letsoho la Jehova le tla fetoha sera ho lona, jwalokaha le kile la iphetola sera ho bontata lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:15
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena.


Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.


“Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng!


Ke tseba kamoo le fetohang kateng, le kamoo le leng manganga kateng. Bonang, esita le kajeno, ke ntse ke phela le lona tjena, le nnile la fetohela Morena. Jwale le tla mo fetohela hakae, ha ke se ke shwele?


Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.”


Kamehla ha ba eya ntweng, Morena o ne a ba lwantsha, jwalokaha a ne a ile a bua, le jwalokaha a ne a ile a ba hlapanyetsa, mme ba tsieleha haholo.


“Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.


Yare hoba ba ise areka moo, Morena a hlahisetsa motse oo tsietsi e kgolo. A otla banna ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane; ba tswa mathopa a mokoteng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios