Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 5:8 - BIBELE

8 Yaba ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, ba re ho tsona: “Re etseng ka areka ee ya Modimo wa Baiseraele?” Dikgosi tsa araba, tsa re: “Nkang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e ise Gate.” Yaba ba nka areka eo ya Modimo wa Baiseraele, ba e isa teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Re tla etsang ka areka ya Modimo wa Iseraele? A araba, a re: Areka ya Modimo wa Iseraele a e ke e iswe Gathe. Mme areka ya Modimo wa Iseraele ya iswa teng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 5:8
11 Referencias Cruzadas  

Tahate a tswala Sabada, Sabada a tswala Shutela. Efraime o ne a ena le bara ba bang ba babedi, e leng Esere le Elade, ba neng ba bolawe ke banna ba matswallwa a Gate, ha ba ne ba ilo hapa mehlape ya bona.


Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona?


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


E tloha Shihore e ka botjhabela ho Egepeta, ho ya fihla moeding wa Ekerone, ka leboya, eo e leng ya Bakanana. Ke ya mahosana a mahlano a Bafilesita, e leng a Gasa, le a Ashedode, le a Ashekelone, le a Gade, le a Ekerone, le a Baafa ka borwa.


Moedi ona wa leba leropong la Ekerone le ka leboya, wa sehwa ho ya fihla Shikarone, wa fetela thabeng ya Baala, wa fetela le Jabeneele, wa ya fella lewatleng.


Diahelong tsa Bafilesita ha tswa seqhobanehadi. Lebitso la sona e ne e le Goliate, a etswa Gate. Bolelele ba sona e ne e batla e le dimethara tse tharo.


Jwale banna ba Iseraele le banna ba morabe wa Juda ba raoha, ba hlaba mokgosi, ba phaladisa Bafilesita ho ya fihla Gate le dikgorong tsa Ekerone. Mahlatsipa a Bafilesita ba weleng a etsa mohoula ho tloha Shaaraime, ho ya fihla Gate, le ho ya fihla Ekerone.


Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.


Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.


Ha banna ba Ashedode ba bona se etsahalang, ba re: “Areka ya Modimo wa Baiseraele e ke ke ya dula hara rona, hobane Modimo o re otla habohloko, rona le modimo wa rona Dagone.”


Bafilesita ba bitsa baprista le dinohe, ba re: “Re etseng ka areka ee ya Morena? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse moo e tswang teng ka mokgwa o jwang!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos