La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 3:2 - BIBELE

Ka tsatsi le leng Eli o ne a robetse moo a neng a robala teng. Mahlo a hae a ne a se a qala ho foufala, hoo a neng a se a sa bone hantle.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mohlang oo, yare Eli ha a ne a robetse sebakeng sa hae, etswe mahlo a hae a ne a se a qadile ho foufala, a sitwa le ho bona,

Ver Capítulo



1 Samuele 3:2
8 Referencias Cruzadas  

Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”


Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.


Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”


Mosadi wa Jeroboame a fela a etsa jwalo, a tsamaya, a ya Shilo, a fihla tlung ya Ahiya. Ahiya o ne a se a foufetse ka baka la boqheku.


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


matsoho a hao a eso rerekele, meno a hao a eso ka a kgenoha, mahlo a hao a eso ho fifale,


Eli o ne a se a tsofetse haholo. A utlwa tsohle tseo bara ba hae ba neng ba ye ba di etse ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba ye ba robale le basadi ba sebeletsang monyakong wa Tente ya Morena kateng.


Eli o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robedi, mahlo a hae a foufetse, a se a sa bone.