Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 3:3 - BIBELE

3 Lebone la Modimo le ne le eso ka le tima, Samuele yena a robetse ka Tempeleng ya Morena, moo areka ya Modimo e neng e le hona teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 lampi ya Jehova e eso ho time, le Samuele a se a robetse tabernakeleng ya Jehova, moo areka ya Modimo e leng teng,

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 3:3
10 Referencias Cruzadas  

Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.


Ntho e le nngwe feela eo ke e kopang, eo ke e batlang ho Morena, ke hore ke phele ka tlung ya Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Morena, ke bo nahanisise ke le ka Tempeleng ya hae.


Lentswe la Morena le ekethehisa difate, le fohle meru, mme ka tempeleng ya hae bohle ba re: “O a tlotleha!”


O timetsa ba leshano; Morena o nyonya babolai le bathetsi.


“O tla etsa sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana seo sa lebone o se etse ka kgauta e thutsweng. Madulo a sona, le lenono la sona, le dikgakeletso tsa sona, le dipalesa tsa sona, le dithunthung tsa sona, di thulellwe ho sona.


Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.


Yare hoba ba je, mme ba nwe, ha ba le Shilo, Anna a ema. Moprista Eli o ne a dutse setulong se pela monyako wa Tempele ya Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos