Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 3:1 - BIBELE

1 Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 3:1
11 Referencias Cruzadas  

Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng.


Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao.


Ke tla etsa hore motho a hlokehe, sa kgauta e hlwekisitswe, a hlokehe sa kgauta ya Ofire.


Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo.


Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli.


Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.


Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle.


E mong le e mong wa lelapa la hao ya tla sala, o tla kgumama kapele ho yena, a kope tjheletana kapa sengwathwana sa bohobe, a re: “Ke a o rapela: Ako nkgethe ke be e mong wa baprista, ke tle ke fumane thathana ya bohobe, ke je.” ’ ”


Samuele a robala ho fihlela hoseng; yaba o bula mamati a ntlo ya Morena. Empa Samuele a tshaba ho bolella Eli pono eo.


Morena a boela a iponahatsa Shilo, hobane Morena o ne a ile a iponahatsa Shilo, ho Samuele, ka lentswe la Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos