Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:36 - BIBELE

36 E mong le e mong wa lelapa la hao ya tla sala, o tla kgumama kapele ho yena, a kope tjheletana kapa sengwathwana sa bohobe, a re: “Ke a o rapela: Ako nkgethe ke be e mong wa baprista, ke tle ke fumane thathana ya bohobe, ke je.” ’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Haele ya tla sala wa ntlo ya hao, o tla tla, a mo kgumamelle tjhelete le sengwatho sa bohobe, a re: Ako mpee ho o mong wa mesebetsi ya boprista, ke nne ke je sengwathwana sa bohobe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:36
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Solomone o tlosa Abiatare setulong sa boprista ba Morena, e le hore ho tle ho phethahale polelo ya Morena, e neng e porofetwe Shilo, mabapa le ntlo ya Eli.


Leha ho le jwalo, baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha ba a ka ba atamela aletare ya Morena e Jerusalema, empa ba nna ba eja bohobe bo sa lomoswang, mmoho le baprista ba bang.


Ba kgopo ba kgumama kapela ba lokileng, baetsadibe bona kapela kgoro tsa ba lokileng.


Le bile le re: ‘Ke ntho e tenang hakaakang!’ mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena.


Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena.


Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle.


Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos