Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:10 - BIBELE

10 Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa mahlo a Iseraele a ne a fifetse ke ho tsofala, a sitwa ho bona. Josefa a ba atametsa ho yena; yaba Iseraele o a ba aka, a ba phothoma,

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:10
13 Referencias Cruzadas  

Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”


Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re: “Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo, tshimo eo Morena a e hlohonolofaditseng!


Labane a tsoha ka madungwadungwana, a aka ditloholo tsa hae, le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa, yaba o a tsamaya, o kgutlela ha hae.


A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.


Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”


Ha Iseraele a bona bara ba Josefa, a re: “Baa ke bo-mang?”


Elisha a siya dipholo, a matha kamora Elia, a re: “Ako ntumelle, ke a o rapela: Ke mpe ke yo aka ntate le mme, mme ke tla o latela.” Yaba Elia o re ho yena: “Tsamaya! Na nkile ka o thibela?”


matsoho a hao a eso rerekele, meno a hao a eso ka a kgenoha, mahlo a hao a eso ho fifale,


Tsoho la Morena ha le lekgutshwanyane, hoo a ke keng a pholosa; tsebe ya hae ha e a thibana hoo a ke keng a utlwa.


Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”


Ha Moshe a eshwa o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Empa mahlo a hae a ne a ntse a bona hantle, le matla a hae a ntse a le kaofela.


Ka tsatsi le leng Eli o ne a robetse moo a neng a robala teng. Mahlo a hae a ne a se a qala ho foufala, hoo a neng a se a sa bone hantle.


Eli o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robedi, mahlo a hae a foufetse, a se a sa bone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos