Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa mahlo a Iseraele a ne a fifetse ke ho tsofala, a sitwa ho bona. Josefa a ba atametsa ho yena; yaba Iseraele o a ba aka, a ba phothoma,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:10
13 Referencias Cruzadas  

Yare hobane Isaaka a tsofale, mme mahlo a hae a sitwe ho bona, a bitsa Esau, mora wa hae e moholo, a re ho yena: Mora ka! A re: Ke nna enwa.


Yaba o atamela, a mo aka. Isaaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, a mo hlohonolofatsa, a re: Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo eo Jehova a e hlohonolofaditseng!


Hosasa Labane a tsoha, a aka bara ba hae le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa. Yaba Labane o tloha, a kgutlela ha habo.


A ba a aka banababo kaofela, a lla le bona; yaba banababo ba buisana le yena.


Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.


Iseraele a bona bara ba babedi ba Josefa, a re: Bao ke bomang?


Yaba Elisha o tlohela dipholo, a titimela ho Elia, a re: Ha nke ke ye ho aka ntate le mme, ke ntoo o latela. Yena a re: Eya, o be o boye; o bone ha ke o entseng?


ho eso ho tle tsatsi leo balebedi ba ntlo ba tla thothomela, le banna ba dinatla ba tla kobama, le basadi ba silang ba tla ema, ka ho re, palo ya bona e fokotsehile, le basadi ba tadimang ka difensetere ba tla fifatswa,


Bonang, letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa, le ditsebe tsa hae ha di a thibana, hore a sitwe ho utlwa;


Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.


Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.


Mohlang oo, yare Eli ha a ne a robetse sebakeng sa hae, etswe mahlo a hae a ne a se a qadile ho foufala, a sitwa le ho bona,


Eli yena o ne a se a hodile dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng meno e le mmedi, le mahlo a hae a ne a foufetse, a sitwa le ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos