Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:11
9 Referencias Cruzadas  

A se tseba, a re: Seaparo sa mora ka! Selalome se mo jele; jo! Josefa o harotswe, o harotswe!


Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.


Ba mo tsebisa, ba re: Josefa o sa phela, mme ebile ke yena molaodi wa lefatshe lohle la Egepeta. Empa pelo ya hae ya idibana, kahobane a sa kgolwe ke bona.


Empa mahlo a Iseraele a ne a fifetse ke ho tsofala, a sitwa ho bona. Josefa a ba atametsa ho yena; yaba Iseraele o a ba aka, a ba phothoma,


Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho.


O tla bona le bana ba bana ba hao. Kgotso e be ho Iseraele!


Ditloholo ke moqhaka wa maqheku, mme kganya ya bana ke batswadi ba bona.


Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos