Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:11 - BIBELE

11 Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:11
9 Referencias Cruzadas  

Iseraele a se tseba, mme a re: “Ke seaparo sa mora wa ka! Sebatana se mo jele; ruri Josefa o tsekolotswe ke sebatana.”


Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela.


Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”


Ba mmolella, ba re: “Josefa o ntse a phela, ke yena mmusi wa naha yohle ya Egepeta.” Jakobo a sitwa ho bua, hobane o ne a sa kgolwe.


Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.


Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho.


O ke o bone bana ba bana ba hao. Kgotso e ke e be teng Iseraele.


Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona.


Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos