Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:12 - BIBELE

12 Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:12
15 Referencias Cruzadas  

A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,


Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.


Aborahama a ema, a isa hlompho ho Bahete, beng ba naha.


Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo.


Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.


Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”


Josefa a ba nka bobedi ba bona: Efraime ka letsohong la hae le letona, e leng ka ho le letshehadi la Iseraele; Manase ka letsohong la hae le letshehadi, e leng ka ho le letona la Iseraele, mme a ba atametsa pela hae.


Yaba Batesheba o ya ho kgosi Solomone, ho ya buella Adoniya. Kgosi ya ema ho mo amohela, ya mo obamela, ya dula teroneng ya yona, mma kgosi a fuwa setulo, mme a dula ka letsohong le letona ho kgosi.


Mosadi a itihela maotong a Elisha, a obamela fatshe, a nka mora wa hae, a tswa.


“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Moshe a inamela fatshe ka potlako, a kgumamela Morena.


Bana ba hae ba ema ba re o hlohonolo, le monna hae a rialo, a ba a mmabatse, a re:


“ ‘E mong le e mong wa lona a hlomphe ntatae le mmae, le boloke disabatha tsa ka. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.


Lona bana, mamelang batswadi ba lona ka baka la Morena, hobane hona ke tshwanelo ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos