Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:9 - BIBELE

9 Josefa a re ho ntatae: “Ke bara ba ka, bao Modimo a mphileng bona ha ke le mona Egepeta.” Iseraele a re: “Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Josefa a re ho ntatae: Ke bara ba ka, bao Modimo o nneileng bona kwano. Yaba o re: Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:9
18 Referencias Cruzadas  

Jwale o mphehele nama a hlabosang, ka mokgwa oo ke o ratang, o ntlisetse yona ke tlo ja, e le hore ke tle ke o hlohonolofatse ke eso shwe.”


Jakobo a halefela Ragele haholo, mme a re: “Na nna ke Modimo, yena ya o entseng nyopa?”


Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.”


Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.


Bana bohle e ne e le bara ba Hemane, senohe sa kgosi ditabeng tsa Modimo. Modimo a matlafatsa Hemane ka ho mo fa bara ba leshome le metso e mene, le baradi ba bararo.


Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso.


Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.


Ena ke tlhohonolofatso eo Moshe mohlanka wa Modimo, a ileng a hlohonolofatsa bana ba Iseraele ka yona, pele a eshwa.


Ka tumelo ha Jakobo a le lekgatheng la ho shwa, o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ka bonngwe, mme a kgumama, a rapela a itsheheditse ka lere la hae.


Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”


Ke ne ke kopa hore a mphe moshanyana enwa, mme Morena o nneile seo ke neng ke se kope ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos