Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mohlang oo, yare Eli ha a ne a robetse sebakeng sa hae, etswe mahlo a hae a ne a se a qadile ho foufala, a sitwa le ho bona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka tsatsi le leng Eli o ne a robetse moo a neng a robala teng. Mahlo a hae a ne a se a qala ho foufala, hoo a neng a se a sa bone hantle.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 3:2
8 Referencias Cruzadas  

Yare hobane Isaaka a tsofale, mme mahlo a hae a sitwe ho bona, a bitsa Esau, mora wa hae e moholo, a re ho yena: Mora ka! A re: Ke nna enwa.


Empa mahlo a Iseraele a ne a fifetse ke ho tsofala, a sitwa ho bona. Josefa a ba atametsa ho yena; yaba Iseraele o a ba aka, a ba phothoma,


Empa ntatae a hana, a re: Ke a tseba, mora ka, ke a tseba! le yena e tla ba setjhaba, le yena o tla ba moholo; leha ho le jwalo, moenae o tla ba moholo ho yena, mme ditloholo tsa hae e tla ba letshwele la ditjhaba.


Mosadi wa Jeroboame a etsa jwalo; a tloha, a ya Silo, a fihla ho Akija; athe Akija o ne a sa bone, kahobane mahlo a hae a ne a pompetse ke boqheku.


Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.


ho eso ho tle tsatsi leo balebedi ba ntlo ba tla thothomela, le banna ba dinatla ba tla kobama, le basadi ba silang ba tla ema, ka ho re, palo ya bona e fokotsehile, le basadi ba tadimang ka difensetere ba tla fifatswa,


Eli yena o ne a se a hodile haholo; o ne a ntse a utlwa tsohle tse etswang ke bara ba hae ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba robala le basadi kateng, ba phuthehang pela monyako wa tente ya pokano.


Eli yena o ne a se a hodile dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng meno e le mmedi, le mahlo a hae a ne a foufetse, a sitwa le ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos