O tla emisetsa ditjhaba folaga ya hae, dipheletsong tse nne tsa lefatshe a bokelle Baiseraele ba tebetsweng, a phuthe le Bajuda ba qhalantsweng.
Tshenolo 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a thibetse meya e mene ya lefatshe, hore ho se ke ha eba moya o fokelang lefatsheng, le lewatleng, leha e le sefateng se le seng. BIBELE Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe. Baasraak Sotho NT Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe. |
O tla emisetsa ditjhaba folaga ya hae, dipheletsong tse nne tsa lefatshe a bokelle Baiseraele ba tebetsweng, a phuthe le Bajuda ba qhalantsweng.
Ke nna Jehova, ke leng molebedi wa wona, ke o nosetsa ka dinako tsohle, ke o sireletsang bosiu le motshehare, hore o se ke wa senngwa ke letho.
O mo otlile ka tekanyo, ka ho mo tebela, wa mo hlokola ka moya wa hao o fokang ka matla, o kang wa mohla sefefo sa botjhabela.
Ke tla hlahisetsa Elame meya e mene e tswang ntlheng tse nne tsa lehodimo, ke ba hasanyetse meyeng eo yohle, ho tle ho se be setjhaba seo bajaki ba Elame ba sa fihleng ho sona.
Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.
Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!
Etlare ha a se a phahame, mmuso wa hae o tla robakwa dikoto, o arolelwe meya e mene ya mahodimo, empa e ke ke ya eba wa ditloholo tsa hae, mme matla a wona a ke ke a lekana le matla a wona a pele, hobane mmuso wa hae o ya haholwa, o arolelwe basele, o seng bao.
Daniele a bua, a re: Diponong tsa ka tsa bosiu ha ke tadima, ka bona meya e mene ya lehodimo e tsohile matla hodima lewatle le leholo.
Yaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, mme eitse hobane e fihle matleng a yona, lenaka le lelelele la kgoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meya e mene ya lehodimo.
Empa Jehova a tsosa moya o moholo lewatleng, mme ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepe sa ba sa batla se robeha.
Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme ka bona ho hlaha makoloi a mane a tswang mahareng a thaba tse pedi, thaba tseo e le thaba tsa koporo;
Yaba lengeloi le nkarabela, la re: Tseo ke meya e mene ya lehodimo e tswang moo e emang pela Morena wa lefatshe lohle.
O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.
Ke moo a tla roma mangeloi a hae, le ho bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.
mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.
Mme ka utlwa lentswe mahareng a dipobuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala e le nngwe ya koro e rekwe ka denare, le kgala tse tharo tsa harese ka denare; empa o se ke wa senya ole le veine.
la re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re eso ho tshwaye bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.
Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.
la re ho lengeloi la botshelela, le tshwereng terompeta: Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.
Tsa bolellwa hore di se ke tsa senya jwang ba lefatshe, leha e le tsohle tse tala, leha e le difate tsohle; di mpe di tshwenye batho feela ba se nang letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.