Tshenolo 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 la re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re eso ho tshwaye bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona. Ver CapítuloBIBELE3 la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.” Ver CapítuloBaasraak Sotho NT3 a re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re be re tiise bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 20243 A re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re be re tiise bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona. Ver Capítulo |
Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.