Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 7:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 A re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re be re tiise bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 la re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re eso ho tshwaye bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 a re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re be re tiise bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:3
31 Referencias Cruzadas  

Hoja matsatsi ao a se ke a kgutsufatswa, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa.


O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe.


Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, le mohlanka wa ka o tla ba teng;


Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke wa nnete.


Empa jwale, ha le lokolotswe sebeng, mme le le bahlanka ba Modimo, le na le ditholwana tsa lona tse isang kgalalelong, mme qetello ke bophelo bo sa feleng.


Mme sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba futsanehileng, ba lokolohileng le ba makgoba, ba be le letshwao letsohong le letona la bona, kapa diphatleng tsa bona.


Le hore ho se be motho ya ka rekang, leha e le ho rekisa, haese ya nang le letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.


Ka tadima, ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona.


Lengeloi la boraro la ba latela, le ntse le bua ka lentswe le phahamileng, le re: Ekare ha motho a kgumamela sebata le setshwantsho sa sona, mme a amohela letshwao la hae phatleng ya hae, leha e le letsohong la hae,


Hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, di lokile;


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.


Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.


Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.


Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo o phelang, mme la howeletsa ka lentswe le phahameng mangeloi a mane a neng a neilwe ho senya lefatshe le lewatle.


Ya laelwa hore e se ke ya senya jwang ba lefatshe, leha e le letho le letala, leha e le sefate sefe kapa sefe; haese feela banna ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos