Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 20:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 mme o tla ya ho kgelosa Gogo le Magogo, e leng ditjhaba tse diqoleng tse nne tsa lefatshe. O tla di phutha hore di lwane, palo ya tsona e le kaalo ka lehlabathe la lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dipheletsong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, ho di bokella ho ya lwana, bao palo ya bona e ka kang lehlabathe la lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dipheletsong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, ho di bokella ho ya lwana, bao palo ya bona e ka kang lehlabathe la lewatle.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 20:8
17 Referencias Cruzadas  

Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.


Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.


Hobane leha setjhaba sa hao, Iseraele, se ka lekana le lehlabathe la lewatle, e tla ba masala a sona feela a tlang ho sokoloha; tefetso e rerilweng e tiile, e tla tsholoha ka ho loka.


Jwaloka makgotla a mahodimo a ke keng a balwa, le lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa, ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, jwalo, le Balevi ba ntshebeletsang.


Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Gogo, naheng ya Magogo, ho morena wa Roshe, Mesheke le Tubale, o mo porofetele.


Mora motho, porofetela Gogo, o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, Mesheke le Tubale.


Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!


Ka baka leo, ho kile ha hlaha ka motho a le mong, ya seng a itjhweletse, bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo le lehlabathe le se nang ho balwa le lebopong la lewatle.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.


Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.


La e akgela sekoting, la e kwalla teng, mme la tiisa hodima sona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, dilemo tse sekete di eso ho phethehe. Kamora tseo, e ka kgona e lokollelwe motsotso o se mokae.


Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a thibetse meya e mene ya lefatshe, hore ho se ke ha eba moya o fokelang lefatsheng, le lewatleng, leha e le sefateng se le seng.


Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos