Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 7:1 - Baasraak Sotho NT

1 Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a thibetse meya e mene ya lefatshe, hore ho se ke ha eba moya o fokelang lefatsheng, le lewatleng, leha e le sefateng se le seng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:1
23 Referencias Cruzadas  

O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe.


Ke moo a tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.


Mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dipheletsong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, ho di bokella ho ya lwana, bao palo ya bona e ka kang lehlabathe la lewatle.


Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.


a re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re be re tiise bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.


Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.


Ya re ho lengeloi la botshelela, ya tshwereng terompeta: Hokolla mangeloi a mane a tlamilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.


Ya laelwa hore e se ke ya senya jwang ba lefatshe, leha e le letho le letala, leha e le sefate sefe kapa sefe; haese feela banna ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos