Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 7:2 - Baasraak Sotho NT

2 Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo o phelang, mme la howeletsa ka lentswe le phahameng mangeloi a mane a neng a neilwe ho senya lefatshe le lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabatsatsi, le tshwere letshwao la Modimo o phelang; la phahamisa lentswe, le howeletsa mangeloi a mane a neng a neilwe taelo ya ho senya lefatshe le lewatle,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo o phelang, mme la howeletsa ka lentswe le phahameng mangeloi a mane a neng a neilwe ho senya lefatshe le lewatle.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:2
29 Referencias Cruzadas  

Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.


Le se ke la sebeletsa dijo tse felang, le mpe le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le nea tsona;


Ke yena ya re tiisitseng, mme a re nea tebeletso ya Moya dipelong tsa rona.


Le lona le tshepile ho yena, ha le se le utlwile lentswe la nnete, molaetsa o molemo wa poloko ya lona;


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwauweng ka wona ho isa letsatsi la topollo.


Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o tiile, o nang le tiiso ena: Morena o tseba ba hae. Hape, e mong le e mong ya bolelang lebitso la Kreste a ke a furalle bokgopo.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.


Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng;


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla le theoha lehodimong, le apere leru, le rwetse mookodi hloohong, sefahleho sa lona e ka letsatsi, le maoto a lona e ka dipilara tsa mollo.


Yare ha diaduma tse supileng di utlwahatsa mantswe a tsona, ka re ke a ngola, mme ka utlwa lentswe le tswang lehodimong le re ho nna: Kwahela tse boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola.


Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Euferatese; mme metsi a teng a psha, ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabela.


Ka bona lengeloi le matla le howeletsa ka lentswe le phahameng, le re: Ke mang ya nang le tokelo ya ho phetla buka, le ho manolla ditiiso tsa yona?


Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare, le tshwere pitsa ya kgauta; a newa dibano tse ngata, hore a di nyehele hammoho le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta e pela terone.


Ya re ho lengeloi la botshelela, ya tshwereng terompeta: Hokolla mangeloi a mane a tlamilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.


Ya laelwa hore e se ke ya senya jwang ba lefatshe, leha e le letho le letala, leha e le sefate sefe kapa sefe; haese feela banna ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos